21/10/2025
Barui/Lihoai tse ngata li tlolisa mahlo bohloeking ba meno a litja tsa bona, 'me hangata sena se beha liphoofolo tsa bona tlokotsing ka h**e meno a sa hloekang a baka mahloko menong a lintja tsa bona le ho fokoletsa lintja tsa bona lits'iu.
Ha re shebe na hoka etsahalang maemong e bang Barui/Lihoai haba tsotelle bophelo ba meno a phoofolo tsa bona:
1. Ho lahleheloa ke meno: Ts'oaetso e sa phekoloang e ka baka marenene le masapo a sa tiieang 'me hoo ho baka meno a khenohang.
2. *Ts'enyo ea litho tsa Mmele: Bacteria e tsoang molomong e ka hasana maling, tsa senya pelo, sebete le lipheio.
3. Bothata ba ho Ja: Meno a bohloko kapa a sieo a etsa h**e ho loma hobe bohloko, 'me sena se lebisa ho lahleheloa ke 'mele le phepo e fokolang.
4. Bohloko bo sa feleng: bohloko ba meno hangata ha bo hlokomeloe, empa bo ama maikutlo, matla le boits'oaro ba ntja ea hao.
Mafome a meno: Kaho ea plaque (lits'ila tsa meno) e ea imatlafatsa e iphetole tartar (Mafome a meno) e lebisang ho lefu lena gingivitis le ho ruruha ha meno ho bohloko.
Rona ba re o tlisetsa li sebedisoa tse ka o thusang ho hloekisa meno a ntja ea hao ka theko tse tlase tse amohelehang, kapa hoo hlatsoetsa meno a ntja ea hao ha sa le mabe a le mafome.
Ho utlwa haholoanyane ka litaba tsa liphoofolo le bophelo bo botle ba tsona latela leqephe la rona 'me o lerate. one paw at a time.