22/10/2025
E le ho keteka Pharmacy Week 2025, Tsifa Healthy Living Pharmacy e fana ka litšebeletso tsa ho hlahloba phallo ea mali mahala ho fihlela ka La 31 Mphalane 2025. Batho bohle ba sebelisang litlhare tsa nako e telele joalo ka tsa Tsoekere kapa Phallo e holimo ea mali le bona ba tla fuoa thuto ea mahala e mabapi le litlhare tsa bona ( know your medicines campaign). Bohle ba khothaletsoa ho tla le libukana tsa bona tsa ngakeng. Atamela re u thuse Mosotho ea khabane. Re fumaneha LeRook’s complex, Tsifalimali. Letsa kapa u etse molaetsa oa WhatsApp ho 63398038.