03/04/2025
Tse oka li lebellang ka hare ho sengoloang sena
Eka Mant'so ke ngoan'a moholoane oa Tsietsi ea bitsoang Sebale. Monnanyana enoa, Mants'o, e ne e se e le mohlankana ea tiileng. O ne a ka bitsoang lefetoa. Lebaka la ho lieha ho nyala, eka ke hoba o ne a Lisa a ba a ba moholo. Eitse ha a tlohella ho Lisa, a boela a hanella Makhooeng moo a ileng a nyoloha ka mora' lemo tse mashome a mabeli thaka tsa hae li e-na le bana ka bobeli, ka boraro , joalo-joalo.
Ka lemo se seng, ke sa re ke ha a le lile o tse mashome a mararo a Metsi e robileng mono o le mong, a hopola ho nyala, etsoe thaka tsa hae li ne li mots'eha, li re, o ts'aba baroetsana. Feela ts'abo e ne e le teng, leha empa e ne e sa ts'oane le e boleloang ke thaka tseo tsa hae.
Ho holeng hoa hae, o ne a 'nile a bona kamoo malapa a sa ts'oaneng kateng. A lemohile h**e, malapeng a mang ha ho thabo le hanyenyane, athe ho a mang oa e bona . Che, leha a sa tsebe tsa Liotloana tsohle, ka ha matlo a matle kantle, o se a e-na le pelaelo. Ke moo he a ileng a botsa ragoan'ae potso e reng: "Na ho nyala ho molemo, Kapa ha ho molemo?"
To be continue.. Part 1*thuto ea Tsietsi *